Dipolelo 15:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. “Qetellong ya selemo se seng le se seng sa bosupa le tla leballana melato.

2. Mokgwa wa ho leballana melato ke ona: Motho ka mong, eo ho nkilweng molato ho yena, o tla leballa mohahabo seo a mo adimileng sona; ha a na ho susutlella mohahabo, kapa ngwanabo, hore a lefe, hobane selemo sa Morena, sa ho leballana melato, se phatlaladitswe.

3. Moditjhaba yena o ka mo susutlella hore a lefe, empa eng kapa eng ya hao, e ho ngwaneno, o tla mo leballa yona.

4. “Kaha Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo a tla le nea yona hore e be lefa la lona, hara lona ha ho na ho ba le ya hlokang;

5. haeba feela le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, ka hloko, le hlokomela ho phetha melao ena yohle eo ke le laelang yona kajeno.

6. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa jwalokaha a buile ho lona. Le tla adimana ka tsa lona ho ditjhaba tse ngata, empa lona le ke ke la adima letho ho tsona. Le tla busa ditjhaba tse ngata, empa tsona di ke ke tsa le busa.

7. “Haeba hara lona ho ena le ya hlokang, e le e mong wa bana babo lona, ya motseng ofe kapa ofe wa metse e naheng eo Morena Modimo wa lona, a tla le nea yona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, mme le se ke la tima ngwanabo lona ya hlokang.

8. Le mo fe ka letsoho le batsi, le mo adime ho lekana seo a se hlokang, ho ya kamoo a haellwang kateng.

9. Itlhokomeleng, esere ka dipelong tsa lona la ba le mehopolo e mebe, la re: <Selemo sa bosupa, e leng selemo sa ho leballana melato, se atametse;> ebe ngwanabo lona ya hlokang le mo tadima ka leihlo le lebe, ha le mo nee letho. Jwale o tla lla ka lona ho Morena, mme e tla ba le entse sebe.

10. Ruri eka kgona le mo fe, mme ha le mo fa dipelo tsa lona di se ke tsa kganana, hobane ka baka la ketso ena, Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa mesebetsing yohle ya lona, le ho tsohle tseo le di etsang.

11. Bahloki ba ke ke ba fela kahara naha ya lona; ka baka leo, ke a le laela, ke re: <Ho ngwanabo lona, le ho mofutsana, le ho ya hlokang, ya naheng ya heno, o fane ka letsoho le batsi.>

12. “Ha o rekisetswa ngwaneno, e ka ba monna wa Moheberu, kapa mosadi wa Moheberu, o tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng. Ka selemo sa bosupa o tla mo lokolla.

13. Ha o mo lokolla, a se ke a tsamaya a itlhophere.

Dipolelo 15