Dipolelo 14:25-29 BIBELE (SSO89SO)

25. dikgomo tseo tsa lona le di rekise tjhelete, mme tjhelete eo le e phuthe, le e fuparele, le ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a se kgethileng.

26. Tjhelete eo le e sebedise ho reka tsohle tseo le di ratang; e ka ba dipholo, kapa dinku, kapa veine, kapa jwala, kapa tsohle tseo le di batlang. Tsena le di jelle kapele ho Morena Modimo wa lona, le thabe hammoho le malapa a lona.

27. “Le se ke la furalla Molevi ya motseng wa lona, hobane yena ha a na kabelo, kapa lefa jwaloka lona.

28. “Qetellong ya dilemo tse tharo le tlise karolo tsohle tsa dikarolo tse leshome, tsa kotulo ya lona ya selemo seo, le di bokelle kahara motse wa lona.

29. Jwale ho tla tla Molevi, hobane yena ha a na lefa jwaloka lona; ho tle le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, e leng ba ahileng kahara metse ya lona; ba je, ba kgore, e le hore Morena Modimo wa lona, a tle a le hlohonolofatse mosebetsing wohle oo le o etsang.

Dipolelo 14