Dipolelo 14:12-28 BIBELE (SSO89SO)

12. Empa tsena ke tseo le sa lokeleng ho di ja: ntsu, le seodi, le letlaka,

13. le seotsanyana, le phakwe, le bommankgodi ka mefuta ya bona,

14. le makgwaba ka mefuta ya wona,

15. le mpshe, le kgohoyadira, le letata, le diphakwe ka mefuta ya tsona,

16. le sephookwana, le sephooko, le makgohlo,

17. le mmamolangwane, le lenong, le seinodi,

18. le mokotatsie, le dikokolofitwe ka mefuta ya tsona, le moholodi, le mmankgane.

19. “Ntho e nngwe le e nngwe e nang le mapheo, e hahabang, ho lona ha e a hlweka, mme e ke ke ya jewa.

20. Nonyana e nngwe le e nngwe e hlwekileng, le ka e ja.

21. “Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona.“Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.

22. “Ka selemo se seng le se seng, o tla fana ka karolo e le nngwe ho tse leshome, tsa kotulo yohle e tswang tshimong ya hao.

23. Karolo ena e tswang ho tse leshome tsa koro ya lona, le tsa veine ya lona e ntjha, le tsa ole ya lona, le tsa matsibolo a lona a mehlape ya dikgomo le ya dinku, le tla e jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha hore a dule ho sona. Le etse jwalo hore le tle le ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla.

24. Ha Morena Modimo wa lona, a se a le hlohonolofaditse, mme eba leeto le le lelele haholo ho lona, hoo le sitwang ho isa dikarolo tsa lona tse tswang ho tse leshome, hobane sebaka seo Morena Modimo wa lona, a se kgethileng hore o tla dula ho sona, se le hole haholo le lona;

25. dikgomo tseo tsa lona le di rekise tjhelete, mme tjhelete eo le e phuthe, le e fuparele, le ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a se kgethileng.

26. Tjhelete eo le e sebedise ho reka tsohle tseo le di ratang; e ka ba dipholo, kapa dinku, kapa veine, kapa jwala, kapa tsohle tseo le di batlang. Tsena le di jelle kapele ho Morena Modimo wa lona, le thabe hammoho le malapa a lona.

27. “Le se ke la furalla Molevi ya motseng wa lona, hobane yena ha a na kabelo, kapa lefa jwaloka lona.

28. “Qetellong ya dilemo tse tharo le tlise karolo tsohle tsa dikarolo tse leshome, tsa kotulo ya lona ya selemo seo, le di bokelle kahara motse wa lona.

Dipolelo 14