1. “Lona le bana ba Morena Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa, kapa la ipeola diphatleng ha le llela bafu.
2. Le setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa lona. Morena o le kgethile hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng, hore le be setjhaba sa hae.
3. “Le se ke la ja letho le manyala.
4. Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang: kgomo, le nku, le podi,
5. kgama, le tshephe, le letsa, le podiyathaba, le hlwaele, le tholo, le phuthi.
6. Hara diphoofolo tsohle, tse nang le tlhako e arohaneng, e nang le dikgolana tse pedi, e thuisang, tsena le ka di ja.
7. Ha e le tse thuisang feela, kapa tse nang le dikgolana feela empa di sa thuise, tsona le se ke la di ja. Tsena ke kamele, le mmutla, le pela. Kahobane di a thuisa, empa ha di na dikgolana, ho lona ha di a hlweka.
8. Le hoja kolobe e ena le dikgolana, empa ha e thuise, ka baka leo, ho lona ha e a hlweka. Le se ke la ja nama ya yona, le sefifi sa yona le se ke la se ama.
9. “Ho diphoofolo tsohle tse phelang metsing, tsena le ka di ja: tsohle tse nang le mapheo le mahehebu le ka di ja.
10. Empa tsohle tse se nang mapheo le mahehebu le se ke la di ja, hobane ho lona ha di a hlweka.