Dipolelo 13:13-18 BIBELE (SSO89SO)

13. <Ditlokotsebe tse ding di tswile hara lona, di kgelositse baahi ba motse wa habo tsona, di re: A re yeng, re yo sebeletsa medimo e meng, eo le sa kang la e tseba,>

14. wena o batlisise taba ena ka hloko. Haeba e le nnete, mme taba eo e tiile ya hore manyala a jwalo a entswe hara lona,

15. ruri o bolaye baahi ba motse oo ka sabole, o o timetse ho hang. Tsohle tse ka ho wona, le diphoofolo tsa wona, le tsona kaofela di bolawe ka sabole.

16. Kgapo yohle ya wona le e bokelle lebaleng la motse. Motse oo, le kgapo yohle ya wona, le di tjhese ka mollo, e be nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena Modimo wa lona. Motse oo o tla fetoha lesupi la mehla yohle, mme o ke ke wa hlola o tsoswa.

17. Ho se be letho la dintho tse halalelang tseo le ka di nkang, e le hore bohale bo tshabehang ba Morena bo tle bo kokobele, a le hauhele, a le ngatafatse jwalokaha a hlapanyeditse bo-ntata lona.

18. Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao ya hae yohle eo ke le laetseng yona kajeno, le etse ho lokileng mahlong a Morena Modimo wa lona.

Dipolelo 13