Dipolelo 13:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Le mo tlepetse ka majwe, a shwe, hobane o ne a batla ho o kgelosa ho Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.

11. Setjhaba sohle sa Iseraele se tla utlwa hona, se tshabe, mme se se ke sa hlola se etsa bokgopo bo tshwanang le bona hara lona.

12. “Haeba motseng o mong wa metse ya heno, oo Morena Modimo wa hao, a o neileng wona hore o ahe ho wona, o ka utlwa monyenyetsi o reng:

13. <Ditlokotsebe tse ding di tswile hara lona, di kgelositse baahi ba motse wa habo tsona, di re: A re yeng, re yo sebeletsa medimo e meng, eo le sa kang la e tseba,>

14. wena o batlisise taba ena ka hloko. Haeba e le nnete, mme taba eo e tiile ya hore manyala a jwalo a entswe hara lona,

15. ruri o bolaye baahi ba motse oo ka sabole, o o timetse ho hang. Tsohle tse ka ho wona, le diphoofolo tsa wona, le tsona kaofela di bolawe ka sabole.

16. Kgapo yohle ya wona le e bokelle lebaleng la motse. Motse oo, le kgapo yohle ya wona, le di tjhese ka mollo, e be nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena Modimo wa lona. Motse oo o tla fetoha lesupi la mehla yohle, mme o ke ke wa hlola o tsoswa.

17. Ho se be letho la dintho tse halalelang tseo le ka di nkang, e le hore bohale bo tshabehang ba Morena bo tle bo kokobele, a le hauhele, a le ngatafatse jwalokaha a hlapanyeditse bo-ntata lona.

18. Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao ya hae yohle eo ke le laetseng yona kajeno, le etse ho lokileng mahlong a Morena Modimo wa lona.

Dipolelo 13