1. “Haeba moporofeta kapa molori wa ditoro a ka ba teng hara lona, mme a le etsetsa pontsho kapa mohlolo;
2. eba pontsho eo, kapa mohlolo oo, o a phethahala, mme a re ho lona: <A re lateleng medimo e meng, eo le sa kang la e tseba, re e sebeletse;>
3. lona le se ke la mamela polelo ya moporofeta eo, kapa ya molori eo, hobane Morena Modimo wa lona, o a le leka, ho bona hore na le rata Morena Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.
4. Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.
5. Ha e le moporofeta eo, kapa molori eo, a bolawe, hobane o rutile setjhaba ho fetohela Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya le lopolotseng moo le neng le le makgoba teng. O le kgelosa tsela eo Morena Modimo wa lona, a laetseng hore le tsamaye ka yona. Tlosang ke hona bokgopo boo hara lona.
6. “Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: <A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng,> eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba;
7. e leng medimo ya ditjhaba tse le potapotileng, tse haufi le lona, kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe;
8. le se ke la dumela tsa hae, kapa la di mamela, kapa la mo hauhela, kapa la mo qenehela, kapa la mo pata.