4. “Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona.
5. Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.
6. Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.
7. Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.
8. “Le se ke la etsa jwalokaha le etsa kajeno: monna ka mong o iketsetsa borata,
9. hobane ha le eso ka le kena phomolong, le amohela lefa leo Morena, Modimo wa lona, a le neang lona.
10. Empa etlare ha le se le tshetse Jorodane, le se le ahile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le ya lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, le tla dula le sireletsehile.