26. “Ke feela dintho tse halalelang tsa lona, le dikano tsa lona, tseo le ka di isang sebakeng seo Morena a tla se kgetha.
27. Le nyehele ka nyehelo ya lona ya setjheso, le ka nama, le ka madi, hodima aletare ya Morena Modimo wa lona. Madi a tse hlabilweng tsa lona le a qhalle kahodima aletare ya Morena Modimo wa lona, empa nama yona le e je.
28. Hlokomelang, le utlwe mantswe ana wohle ao ke le laelang wona, e le hore lona le ditloholo tsa lona le tle le atlehe kamehla, ha le etsa se setle le se lokileng mahlong a Morena.
29. “Ha Morena Modimo wa lona, a se a fietse kapele ho lona ditjhaba tseo le yang ho ya di hapa, le se le di lelekile, le tla aha naheng ya tsona.
30. Itlhokomeleng, le se ke la tshwaswa ke leraba, kamora hoba di fediswe kapele ho lona. Le se ke la botsa tsa medimo ya ditjhaba tseo, la re: <Ditjhaba tsee di sebeletsa medimo ya tsona jwang, le rona re tle re di etsise?>
31. Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona. Manyala wohle ao Morena a a hloileng, ditjhaba tsena di a etseditse medimo ya tsona, tsa ba tsa e etsetsa sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba tsona.
32. “Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.