21. Haeba sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona se le hole haholo ho tloha ho lona, le ka hlaba kgomo kapa nku mehlapeng ya lona, eo Morena a le neileng yona, jwalokaha ke le laetse, mme le ka e jella kahara metse ya lona, kamoo le lakatsang kateng.
22. Le ka e ja jwalokaha le ye le je nama ya tshephe le ya kgama. Batho ba sesila le ba hlwekileng le bona ba ka e ja.
23. Hlokomelang, le se ke la ja bobete, hobane madi ke bophelo, mme ha le a tshwanela ho ja nama le bophelo.
24. Le se ke la bo ja, le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi.
25. Le se ke la bo ja, e le hore le tle le atlehe mmoho le ditloholo tsa lona, ha le etsa se lokileng mahlong a Morena.
26. “Ke feela dintho tse halalelang tsa lona, le dikano tsa lona, tseo le ka di isang sebakeng seo Morena a tla se kgetha.
27. Le nyehele ka nyehelo ya lona ya setjheso, le ka nama, le ka madi, hodima aletare ya Morena Modimo wa lona. Madi a tse hlabilweng tsa lona le a qhalle kahodima aletare ya Morena Modimo wa lona, empa nama yona le e je.