15. “Leha ho le jwalo, le ka hlabela diphoofolo tsa lona moo le ratang teng. Le jelle nama ya tsona kahara metse ya lona, ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng. Ba sesila, le ba hlwekileng ba ka di ja, jwalokaha le eja nama ya tshephe, le nama ya kgama.
16. Ke bobete feela boo le sa tlong ho bo ja; bona le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi.
17. Kahara metse ya lona le se ke la ja tse latelang: karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, tsa koro ya lona, kapa tsa veine ya lona e ntjha, kapa tsa ole ya lona, kapa tsa matsibolo a mehlape ya dikgomo tsa lona; kapa efe kapa efe ya dikano tseo le ikanneng ka tsona, kapa dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, kapa dinyehelo tsa lona tse akgotswang.
18. Empa tsena tsohle le tla di jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona. Kapele ho Morena Modimo wa lona, le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang.
19. Itlhokomeleng, le se ke la furalla Molevi ha feela le ntse le phela naheng ya lona.
20. “Ha Morena Modimo wa lona, a atolosa meedi ya lona, jwalokaha a le tshepisitse, mme le re: <Ke tla ja nama, hobane ke lakatsa ho ja nama,> le ka ja nama ho latela ditakatso tsa lona.
21. Haeba sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona se le hole haholo ho tloha ho lona, le ka hlaba kgomo kapa nku mehlapeng ya lona, eo Morena a le neileng yona, jwalokaha ke le laetse, mme le ka e jella kahara metse ya lona, kamoo le lakatsang kateng.
22. Le ka e ja jwalokaha le ye le je nama ya tshephe le ya kgama. Batho ba sesila le ba hlwekileng le bona ba ka e ja.