Dipolelo 12:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ena ke melao, le ditaelo tseo le tshwanetseng ho di phetha naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neileng yona hore e be ya lona, ka matsatsi wohle ha le ntse le phela lefatsheng.

2. Le fedise dibaka tsohle moo ditjhaba tseo le tlang ho di falatsa di neng di sebeletsa medimo ya tsona teng, tse hodima dithaba, le tse hodima maralla, le tse katlasa difate tsohle tse talana.

3. Le heletse dialetare tsa tsona, le thue difika tsa tsona tseo di di kgumamelang. Le tjhese le ditshwantsho tsa tsona tsa Ashera. Ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona le di rathake, le fedise mabitso a tsona dibakeng tseo.

4. “Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona.

5. Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.

6. Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.

7. Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.

8. “Le se ke la etsa jwalokaha le etsa kajeno: monna ka mong o iketsetsa borata,

Dipolelo 12