27. E tla ba tlhohonolofatso haeba le mamela melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona kajeno;
28. e be thohako haeba le sa mamele melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona kajeno, mme le latela medimo e meng, eo le sa kang la e tseba.
29. Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le kenang ho yona ho e hapa, le tle le hlohonolofatse thaba ya Gerisime, mme le rohake thaba ya Ebale.
30. Dithaba tsena di kamose wane ho Jorodane, tseleng e ka bophirimela, naheng ya Bakanana ba ahileng phuleng, malebana le Gilegale, pela dieike tsa More.
31. Le lokela ho tshela noka ya Jorodane ha le kena ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. E tla ba ya lona, le ahe ho yona.