25. Ha ho motho ya tla tseba ho ema kapele ho lona. Hohle moo le tla tsamaya teng, Morena Modimo wa lona, o tla etsa hore ba le tshabe, ba phakgasele jwalokaha a le tshepisitse.
26. “Bonang, kajeno ke bea kapele ho lona thohako le tlhohoholofatso.
27. E tla ba tlhohonolofatso haeba le mamela melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona kajeno;
28. e be thohako haeba le sa mamele melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona kajeno, mme le latela medimo e meng, eo le sa kang la e tseba.
29. Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le kenang ho yona ho e hapa, le tle le hlohonolofatse thaba ya Gerisime, mme le rohake thaba ya Ebale.