17. Kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, a thibe mahodimo hore ho se ne pula, naha e hloke kotulo, lona le shwe kapele naheng e ntle, eo Morena a le neang yona.
18. “Ka baka lena, le boloke mantswe ana a ka ka dipelong tsa lona, le ka meyeng ya lona, le a tlamelle matsohong a lona e le pontsho, a be jwaloka sekola diphatleng tsa lona.
19. Le tla a ruta bana ba lona, le bue ka wona ha le dutse ka matlung a lona, leha le tsamaya tseleng, leha le paqame, leha le tsoha.
20. Le a ngole dikoseneng tsa mamati a lona, le hodima dikgoro tsa metse ya lona,
21. e le hore ha feela lehodimo le lefatshe di sa ntse di le teng, lona, le bana ba lona le tle le phele halelele, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla ba nea yona.
22. “Ha le ka la boloka ka hloko melao ena yohle, eo ke le laelang yona, la e phetha, la rata Morena Modimo wa lona, la tsamaya ditseleng tsohle tsa hae, mme la mo kgomarela;
23. Morena o tla leleka ditjhaba tsena tsohle kapele ho lona, le falatse ditjhaba tse kgolo ho le feta, tse matla ho le feta.