Dipolelo 11:15-26 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke tla medisetsa dikgomo tsa lona jwang naheng ya lona, mme le tla ja, le kgore.

16. Itlhokomeleng, esere dipelo tsa lona tsa thetseha, la kgeloha, la sebeletsa medimo e meng, mme la e kgumamela.

17. Kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, a thibe mahodimo hore ho se ne pula, naha e hloke kotulo, lona le shwe kapele naheng e ntle, eo Morena a le neang yona.

18. “Ka baka lena, le boloke mantswe ana a ka ka dipelong tsa lona, le ka meyeng ya lona, le a tlamelle matsohong a lona e le pontsho, a be jwaloka sekola diphatleng tsa lona.

19. Le tla a ruta bana ba lona, le bue ka wona ha le dutse ka matlung a lona, leha le tsamaya tseleng, leha le paqame, leha le tsoha.

20. Le a ngole dikoseneng tsa mamati a lona, le hodima dikgoro tsa metse ya lona,

21. e le hore ha feela lehodimo le lefatshe di sa ntse di le teng, lona, le bana ba lona le tle le phele halelele, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla ba nea yona.

22. “Ha le ka la boloka ka hloko melao ena yohle, eo ke le laelang yona, la e phetha, la rata Morena Modimo wa lona, la tsamaya ditseleng tsohle tsa hae, mme la mo kgomarela;

23. Morena o tla leleka ditjhaba tsena tsohle kapele ho lona, le falatse ditjhaba tse kgolo ho le feta, tse matla ho le feta.

24. Sebaka se seng le se seng seo le tla tsamaya ho sona, e tla ba sa lona. Meedi ya lona e tla tloha lehwatateng, le Lebanone, le ho tloha Nokeng, e leng noka ya Euferatese, ho ya fihla lewatleng le ka bophirimela.

25. Ha ho motho ya tla tseba ho ema kapele ho lona. Hohle moo le tla tsamaya teng, Morena Modimo wa lona, o tla etsa hore ba le tshabe, ba phakgasele jwalokaha a le tshepisitse.

26. “Bonang, kajeno ke bea kapele ho lona thohako le tlhohoholofatso.

Dipolelo 11