Dipolelo 11:15-21 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke tla medisetsa dikgomo tsa lona jwang naheng ya lona, mme le tla ja, le kgore.

16. Itlhokomeleng, esere dipelo tsa lona tsa thetseha, la kgeloha, la sebeletsa medimo e meng, mme la e kgumamela.

17. Kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, a thibe mahodimo hore ho se ne pula, naha e hloke kotulo, lona le shwe kapele naheng e ntle, eo Morena a le neang yona.

18. “Ka baka lena, le boloke mantswe ana a ka ka dipelong tsa lona, le ka meyeng ya lona, le a tlamelle matsohong a lona e le pontsho, a be jwaloka sekola diphatleng tsa lona.

19. Le tla a ruta bana ba lona, le bue ka wona ha le dutse ka matlung a lona, leha le tsamaya tseleng, leha le paqame, leha le tsoha.

20. Le a ngole dikoseneng tsa mamati a lona, le hodima dikgoro tsa metse ya lona,

21. e le hore ha feela lehodimo le lefatshe di sa ntse di le teng, lona, le bana ba lona le tle le phele halelele, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla ba nea yona.

Dipolelo 11