1. “Ka baka leo, ratang Morena Modimo wa lona, le boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae kamehla.
2. Tsebang kajeno, hobane ha ke bue le bana ba lona, ba sa kang ba tseba, mme ba sa kang ba bona kgalemelo ya Morena Modimo wa lona, le boholo ba hae, le letsoho la hae le matla, le otlolohileng;
3. ba sa kang ba bona dipontsho tsohle, le diketso tsa hae, tseo a di entseng naheng ya Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta, le naheng yohle ya hae;
4. le seo a se entseng ho bahlabani ba Egepeta, le ho dipere tsa bona, le dikariki tsa bona tsa ntwa, kamoo a entseng hore metsi a Lewatle la Lehlaka a di pupetse, ha ba ne ba ba phaladisa. Morena o ile a ba timetsa ho fihlela kajeno.
5. Tsebang seo a le etseditseng sona, ha le le lehwatateng, ho fihlela le fihla sebakeng sena;
6. le seo a se entseng ho Datane, le ho Abirame, bara ba Eliabe, mora wa Rubene, kamoo lefatshe le ileng la ahlama kateng, mme la ba metsa hammoho le tsohle tsa bona, le ditente tsa bona, le tsohle tse phelang, tseo ba neng ba tsamaya le tsona, setjhabeng sa Iseraele.
7. Empa le bone mesebetsi yohle e meholo ya Morena, eo a e entseng.
8. “Ka baka lena, le boloke melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, e le hore le tle le matlafale, le kene, le hape naha eo le tla e rua, hore e be ya lona;
9. le tle le phele halelele naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla ba nea yona le ditloholo tsa bona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.
10. “Naha eo le kenang ho yona, hore e be ya lona, ha e tshwane le naha ya Egepeta, moo le tswang teng, moo le neng le jala peo ya lona teng, le e nwesetsa, jwalokaha le nwesetsa serapa sa meroho.
11. Empa naha eo le tshelelang ho yona hore e be ya lona, ke naha ya maralla, le dikgohlo, e nwesetswang ke dipula tse tswang lehodimong.
12. Ke naha eo Morena Modimo wa lona, a e baballang. Kamehla Morena Modimo wa lona o e beile leihlo ho tloha ha selemo se thwasa, ho fihlela ha se fela.
13. “Ha le mamela ka hloko melao ya ka, eo ke le laelang yona kajeno, le rata Morena Modimo wa lona, le mo sebeletsa ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle;
14. ke tla nesetsa naha ya lona pula ka nako ya yona, e leng dipula tsa selemo, le dipula tsa hwetla, hore le tle le kotule koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona.