Dipolelo 10:5-16 BIBELE (SSO89SO)

5. Ka kgutla, ka theoha thabeng, ka kenya matlapa ka arekeng eo ke e entseng. Matlapa a dula kamoo, jwalokaha Morena a ntaetse.”

6. Bana ba Iseraele ba tsamaya, ba tloha Beerote-Bene-Jakane, ba leba Mosera, moo Arone a ileng a shwela teng, a ba a epelwa hona teng. Mora wa hae Eleasare ya eba moprista sebakeng sa ntatae.

7. Ba tloha moo ba leba Gudegoda, ho tloha Gudegoda ba leba Jotebata, e leng naha ya dinokana tse phallang metsi.

8. Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.

9. Ka baka leo, Levi ha a na kabelo lefeng la bana babo. Morena ke yena lefa la hae, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a boletse.

10. “Ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka lekgetlo la pele, mme le ka yona nako eo Morena a mmamela, a se ke a rata ho le timetsa.

11. Morena a re ho nna: <Ema, o tswele pele leetong, o etelle setjhaba sena pele. Sona se tla kena, se hape naha eo ke hlapanyeditseng bo-ntata sona hore ke tla se nea yona.>

12. “Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle;

13. o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe?

14. “Bona, lehodimo, le lehodimo la mahodimo, le lefatshe, le tsohle tse ho lona, ke tsa Morena Modimo wa hao.

15. Empa Morena o ne a rata bo-ntata lona, hoo a ileng a ikgethela ditloholo tsa bona, e leng lona, a le kgetha hara ditjhaba tsohle, jwaloka kajeno.

16. Ka baka leo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le ke ke la hlola le eba manganga.

Dipolelo 10