12. “Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle;
13. o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe?
14. “Bona, lehodimo, le lehodimo la mahodimo, le lefatshe, le tsohle tse ho lona, ke tsa Morena Modimo wa hao.
15. Empa Morena o ne a rata bo-ntata lona, hoo a ileng a ikgethela ditloholo tsa bona, e leng lona, a le kgetha hara ditjhaba tsohle, jwaloka kajeno.
16. Ka baka leo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le ke ke la hlola le eba manganga.
17. Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo.
18. O ahlola kgutsana le mohlolohadi ka toka, o rata mojaki, o a mo fepa, o a mo apesa.
19. Ka baka leo, ratang bajaki, hobane le lona le ne le le bajaki naheng ya Egepeta.
20. Le tshabe Morena Modimo wa lona. Le mo sebeletse, le mo kgomarele, le hlapanye ka lebitso la hae.
21. Ke yena thoriso ya lona, ke yena Modimo wa lona, ya le etseditseng dintho tsena tse kgolo, tse tshabehang, tseo le di boneng.
22. “Bo-ntata lona ba ne ba theohele Egepeta e le batho ba mashome a supileng, empa jwale Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse jwaloka dinaledi tsa lehodimo.