4. Hoba a hlole Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote, mane Ederei,
5. ka kwano ho Jorodane, naheng ya Moabe, Moshe a qala ho phatlalatsa molao ona, a re:
6. “Morena Modimo wa rona, o ile a bua ho rona a le Horebe, a re: <Le dutse nako e telele thabeng ena.
7. Tlohang mona, le tswele pele leetong la lona, le ye naheng e maralla ya Baamore, le dibakeng tse e potapotileng, phuleng, le maralleng, le dibakeng tse weleng, ka borwa, pela lebopo la lewatle, naheng ya Bakanana; le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo ya Euferatese.
8. Bonang, ke le neile naha ena. Eyang, le inkele naha eo Morena a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona; a e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona le ditloholo tsa bona.>
9. “Ka nako eo ke ile ka bua ho lona, ka re: <Ke sitwa ho jara boikarabelo tabeng tsa lona ke le mong.
10. Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse, mme bonang, kajeno le se le le bangata jwaloka dinaledi tsa lehodimo.
11. Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ke a le eketse hasekete, a le hlohonolofatse jwalokaha a ile a le tshepisa.
12. Jwale nna, ke le mong, nka tseba jwang ho jara ditsietsi tsa lona, le mejaro ya lona, le diqabang tsa lona?
13. Merabeng ya lona kgethang banna ba bohlale, ba nang le kutlwisiso, ba tumileng, mme ke tla ba etsa baokamedi ba lona.>
14. “Le ile la nkaraba, la re: <Sena seo o reng se etswe se setle.>