37. “Le nna Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, a re: <Le wena o ke ke wa kena naheng eo.
38. Empa Joshua, mohlanka wa hao, mora wa Nune, ke yena ya tla kena naheng eo. Mo kgothatse, hobane ke yena ya tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele.
39. Masea a lona, ao le ileng la re e tla ba bathopuwa, le bana ba lona, bao kajeno ba esong ho tsebe botle kapa bobe, ba tla kena naheng eo. Ha e le bona ke tla ba nea yona, mme e tla ba ya bona.
40. Empa ha e le lona, kgutlang, le boele lehwatateng ka tsela ya Lewatle la Lehlaka.>
41. “Lona le ile la araba, la re ho nna: <Re sitetswe Morena. Re tla nyoloha, mme re lwane jwalokaha Morena Modimo wa rona, a re laetse.> Monna e mong le e mong wa lona a hlomela, la re ke ntho e bobebe ho nyolohela naheng e maralla.
42. “Empa Morena a re ho nna: <Ere ho bona: Le se ke la nyoloha, mme le se ke la ya lwana, esere la hlolwa ke dira tsa lona, hobane ha ke yo hara lona.>
43. “Ke ile ka bua ho lona, empa ha le a ka la mamela. Le ile la fetohela taelo ya Morena, la ikakasa, mme la nyolohela naheng e maralla.
44. Baamore ba ahileng naheng eo e maralla ba ile ba le futuhela jwaloka sekgakgatha sa dinotshi, ba le leleka, ba le etsa mofela, ho tloha Seire ho ya fihla Horema.
45. Le ile la kgutla, la llela kapele ho Morena, empa Morena ha a a ka a le mamela, leha e le ho le sekehela tsebe.
46. Ke kahoo le ileng la hlola matsatsi a mangata Kadeshe.