Dipolelo 1:36-43 BIBELE (SSO89SO)

36. Ke Kalebe feela, mora wa Jefune, ya tla e bona, mme yena le bara ba hae ke tla ba nea naha eo, eo yena a kileng a tsamaya hodima yona, hobane yena o latetse Morena ka ho tlala.>

37. “Le nna Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, a re: <Le wena o ke ke wa kena naheng eo.

38. Empa Joshua, mohlanka wa hao, mora wa Nune, ke yena ya tla kena naheng eo. Mo kgothatse, hobane ke yena ya tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele.

39. Masea a lona, ao le ileng la re e tla ba bathopuwa, le bana ba lona, bao kajeno ba esong ho tsebe botle kapa bobe, ba tla kena naheng eo. Ha e le bona ke tla ba nea yona, mme e tla ba ya bona.

40. Empa ha e le lona, kgutlang, le boele lehwatateng ka tsela ya Lewatle la Lehlaka.>

41. “Lona le ile la araba, la re ho nna: <Re sitetswe Morena. Re tla nyoloha, mme re lwane jwalokaha Morena Modimo wa rona, a re laetse.> Monna e mong le e mong wa lona a hlomela, la re ke ntho e bobebe ho nyolohela naheng e maralla.

42. “Empa Morena a re ho nna: <Ere ho bona: Le se ke la nyoloha, mme le se ke la ya lwana, esere la hlolwa ke dira tsa lona, hobane ha ke yo hara lona.>

43. “Ke ile ka bua ho lona, empa ha le a ka la mamela. Le ile la fetohela taelo ya Morena, la ikakasa, mme la nyolohela naheng e maralla.

Dipolelo 1