26. “Empa lona le ile la hana ho nyoloha, la fetohela taelo ya Morena Modimo wa lona.
27. Yaba le korotla le le ka ditenteng tsa lona, le re: <Kahobane Morena a re hloile, o re ntshitse naheng ya Egepeta ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse.
28. Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo.>
29. “Yaba ke re ho lona: <Le se ke la tshoha kapa la tshaba batho bao.
30. Morena Modimo wa lona, ya le etellang pele, o tla le lwanela, jwalokaha a ile a le lwanela moo le ntseng le bona, ha le le Egepeta.
31. Le lehwatateng, tseleng yohle eo le e tsamaileng, ho tla fihla sebakeng sena, le bone kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a le pepa kateng, jwalokaha monna a pepa mora wa hae.>
32. “Empa hodima tsena tsohle, ha le eso ka le tshepa Morena Modimo wa lona;
33. e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona.
34. “Morena o ile a utlwa dipolelo tsa lona, a halefa, mme a ikana, a re:
35. <Ruri ha ho le ya mong wa banna bana ba moloko ona o kgopo, ya tla bona naha e ntle, eo ke ileng ka hlapanya hore ke tla e nea bo-ntata lona.
36. Ke Kalebe feela, mora wa Jefune, ya tla e bona, mme yena le bara ba hae ke tla ba nea naha eo, eo yena a kileng a tsamaya hodima yona, hobane yena o latetse Morena ka ho tlala.>
37. “Le nna Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, a re: <Le wena o ke ke wa kena naheng eo.
38. Empa Joshua, mohlanka wa hao, mora wa Nune, ke yena ya tla kena naheng eo. Mo kgothatse, hobane ke yena ya tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele.
39. Masea a lona, ao le ileng la re e tla ba bathopuwa, le bana ba lona, bao kajeno ba esong ho tsebe botle kapa bobe, ba tla kena naheng eo. Ha e le bona ke tla ba nea yona, mme e tla ba ya bona.
40. Empa ha e le lona, kgutlang, le boele lehwatateng ka tsela ya Lewatle la Lehlaka.>
41. “Lona le ile la araba, la re ho nna: <Re sitetswe Morena. Re tla nyoloha, mme re lwane jwalokaha Morena Modimo wa rona, a re laetse.> Monna e mong le e mong wa lona a hlomela, la re ke ntho e bobebe ho nyolohela naheng e maralla.