Dipolelo 1:26-34 BIBELE (SSO89SO)

26. “Empa lona le ile la hana ho nyoloha, la fetohela taelo ya Morena Modimo wa lona.

27. Yaba le korotla le le ka ditenteng tsa lona, le re: <Kahobane Morena a re hloile, o re ntshitse naheng ya Egepeta ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse.

28. Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo.>

29. “Yaba ke re ho lona: <Le se ke la tshoha kapa la tshaba batho bao.

30. Morena Modimo wa lona, ya le etellang pele, o tla le lwanela, jwalokaha a ile a le lwanela moo le ntseng le bona, ha le le Egepeta.

31. Le lehwatateng, tseleng yohle eo le e tsamaileng, ho tla fihla sebakeng sena, le bone kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a le pepa kateng, jwalokaha monna a pepa mora wa hae.>

32. “Empa hodima tsena tsohle, ha le eso ka le tshepa Morena Modimo wa lona;

33. e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona.

34. “Morena o ile a utlwa dipolelo tsa lona, a halefa, mme a ikana, a re:

Dipolelo 1