Dipolelo 1:18-25 BIBELE (SSO89SO)

18. “Ka yona nako eo ka le laela dintho tsohle, tseo le tshwanetseng ho di etsa.

19. “Jwalokaha Morena Modimo wa rona, a ne a re laetse, ra tswela pele leetong, ho tloha Horebe; ra feta hara lehwatata lane le leholo, le tshabehang, leo le ileng la le bona, tseleng e yang naheng e maralla ya Baamore, ra ya fihla Kadeshe-Barenea.

20. Yaba ke re ho lona: <Jwale le fihlile naheng e maralla ya Baamore, eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona.

21. Bonang, Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena. Nyolohang le yo inkela yona, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a buile ho lona. Le se ke la tshaba; le se ke la nyahama dipelo.>

22. “Bohle le ile la tla ho nna, la re: <A re ke re romeng banna ba re etelle pele, e le hore ba ke ba yo re hlwella naha eo; ba boele ba tlo re tsebisa tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona, le metse eo re tla fihla ho yona.>

23. “Hona ho ile ha nthabisa, mme ke ile ka nka banna ba leshome le metso e mmedi ho lona, monna a le mong morabeng o mong le o mong.

24. Ba ile ba tsamaya, ba nyolohela naheng e maralla, ba fihla kgohlong ya Eshekole, mme ba e hlwela.

25. Ba nka tse ding tsa ditholwana tsa naha eo, ba re tlisetsa tsona, mme ba re tsebisa, ba re: <Naha eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona, e ntle!>

Dipolelo 1