15. “Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona.
16. Ka yona nako eo ka laela baahlodi ba lona, ka re: <Mamelang dipelaelo tsa bana babo lona, mme le ahlole ka toka pakeng tsa motho le ngwanabo, le pakeng tsa hae le mojaki.
17. Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.>
18. “Ka yona nako eo ka le laela dintho tsohle, tseo le tshwanetseng ho di etsa.
19. “Jwalokaha Morena Modimo wa rona, a ne a re laetse, ra tswela pele leetong, ho tloha Horebe; ra feta hara lehwatata lane le leholo, le tshabehang, leo le ileng la le bona, tseleng e yang naheng e maralla ya Baamore, ra ya fihla Kadeshe-Barenea.
20. Yaba ke re ho lona: <Jwale le fihlile naheng e maralla ya Baamore, eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona.
21. Bonang, Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena. Nyolohang le yo inkela yona, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a buile ho lona. Le se ke la tshaba; le se ke la nyahama dipelo.>
22. “Bohle le ile la tla ho nna, la re: <A re ke re romeng banna ba re etelle pele, e le hore ba ke ba yo re hlwella naha eo; ba boele ba tlo re tsebisa tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona, le metse eo re tla fihla ho yona.>
23. “Hona ho ile ha nthabisa, mme ke ile ka nka banna ba leshome le metso e mmedi ho lona, monna a le mong morabeng o mong le o mong.
24. Ba ile ba tsamaya, ba nyolohela naheng e maralla, ba fihla kgohlong ya Eshekole, mme ba e hlwela.