5. Dithaba di qhibidiha jwaloka tshotso,jwaloka tshotso kapele ho Morena,e, kapele ho Morena wa lefatshe lohle.
6. Mahodimo a bolela ho loka ha hae,ditjhaba tsohle di bona tlotla ya hae.
7. Bohle ba sebeletsang ditshwantshoba ke ba hlajwe ke dihlong,bao ba ithorisang ka mafeela;medimo yohle e ke e itihelee itihele maotong a hae.
8. Sione e utlwile, mme e a thaba,metse ya Juda e a nyakalla,ka baka la dikahlolo tsa hao,wena Morena.
9. Wena Morena ya hodimodimo,ya phahametseng lefatshe lohle,o feta medimo yohle hole.
10. Lona ba ratang Morena,hloyang bokgopo,o baballa bopheloba batshepuwa ba hae,o ba namolelamatsohong a ba kgopo.
11. Lesedi le tjhabela ya lokileng,thabo ke ya ba pelo di ntle.
12. Lona ba lokileng thabelang Morena,le boke lebitso la hae le halalelang.