Dipesalema 97:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena ke kgosi;lefatshe le ke le nyakalle,dihlekehleke tse ngatadi ke di thabe.

2. Maru a matshomatshoa mo teetse hare,ho loka le toka ke motheo,ke motheo wa terone ya hae.

3. Mollo o mo eteletseng peleo tjhesa dira tse mo potapotileng.

4. Mahadima a hae a bonesa lefatshe;lefatshe le a bona,mme le a thothomela.

5. Dithaba di qhibidiha jwaloka tshotso,jwaloka tshotso kapele ho Morena,e, kapele ho Morena wa lefatshe lohle.

6. Mahodimo a bolela ho loka ha hae,ditjhaba tsohle di bona tlotla ya hae.

7. Bohle ba sebeletsang ditshwantshoba ke ba hlajwe ke dihlong,bao ba ithorisang ka mafeela;medimo yohle e ke e itihelee itihele maotong a hae.

8. Sione e utlwile, mme e a thaba,metse ya Juda e a nyakalla,ka baka la dikahlolo tsa hao,wena Morena.

Dipesalema 97