Dipesalema 92:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Bona dira tsa hao, Morena,bona, dira tsa hao di a timela;bohle ba kgopo ba a qhalanngwa.

11. Empa nna o mmatlafaditse,wa mmatlafatsa jwaloka nare,wa ntlotsa ka ole e hlwekileng.

12. Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello,ke utlwa diboko tsa ba kgopoba ntsohelang matla.

13. Ya lokileng o a atleha,o atleha jwaloka sefate sa palema,o hola jwaloka sefate,fate sa kedare ya Lebanone.

14. Ba hlomilweng ka tlung ya Morenaba tla atlehamabaleng a Modimo wa rona.

15. Le boqhekungba beha ditholwana,jwaloka difate tse nonneng,fate tse talana,

16. ho bontsha hore Morena o lokile,ke lefika la ka,ha ho na bobe ho yena.

Dipesalema 92