Dipesalema 90:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo.Morena, o bile setshabelo sa ronamelokong yohle.

2. Dithaba di eso be teng,le lefatshe, le tsohletsohledi eso hlahe,haesale o le Modimoya se nang bofelo.

3. O kgutlisetsa motho leroleng,o re: “Kgutlang, bana ba batho.”

4. Mahlong a hao dilemo tse seketedi ka letsatsi la maobanele seng le fetile,di ka nakwana ya bosiu.

5. O fedisa batho hanghang,e be e ke ke toro,ba ka jwang bo melang hoseng.

6. Hoseng bo a mela, bo palese;mantsiboya bo a pona, bo omelle.

7. Re fediswa ke kgalefo ya hao,re thothometswa ke bohale ba hao.

8. Makgopo a rona o a a bona,dibe tsa rona tse patehilengwa di bea pontsheng ya hao.

9. Ditshiu tsa rona tsohledi a kgutsufala,di kgutsufatswa ke bohale ba hao,dilemo tsa ronadi feta jwaloka mofehelo.

Dipesalema 90