Dipesalema 89:48-53 BIBELE (SSO89SO)

48. Morena, ako hopolebokgutshwanyane ba bophelo,hopola hore batho bohleo ba bopetse lefeela.

49. Na motho o teng ya ka phelang,mme a se ke a shwa,ya ka itopollangmatleng a Nqalo ya Bafu?

50. Morena, o kae mohau wa hao,mohau wa hao wa pele,oo ka botshepehi ba haoo o hlapanyeditseng Davida?

51. Ako hopole ho hlapaolwaha bahlanka ba hao, Morena!Ke jere dinyediso tse ngatatsa ditjhaba ka sefubeng sa ka.

52. Morena, dira tsa hao di re hlapaotse,di setse motlotsuwa wa hao moraodi ntse di mo hlapaola.

53. Ho bokwe Morena kamehla yohle!Amen. Amen.

Dipesalema 89