Dipesalema 89:43-52 BIBELE (SSO89SO)

43. O matlafaditse matsohoa ba mo lwantshang,wa thabisa dira tsohle tsa hae.

44. O thithibantse bohaleba sabole ya hae,wa se ke wa mo tshehetsa ntweng.

45. O mo amohile lere la puso,wa dihela terone ya hae fatshe.

46. O kgutsufaditse matsatsi,matsatsi a botjha ba hae,wa etsa hore a aparelwe ke dihlong.

47. Morena, o tla ipata ho fihlela neng?Kgalefo ya haoe tla tuka, e tuke jwaloka molloho fihlela neng?

48. Morena, ako hopolebokgutshwanyane ba bophelo,hopola hore batho bohleo ba bopetse lefeela.

49. Na motho o teng ya ka phelang,mme a se ke a shwa,ya ka itopollangmatleng a Nqalo ya Bafu?

50. Morena, o kae mohau wa hao,mohau wa hao wa pele,oo ka botshepehi ba haoo o hlapanyeditseng Davida?

51. Ako hopole ho hlapaolwaha bahlanka ba hao, Morena!Ke jere dinyediso tse ngatatsa ditjhaba ka sefubeng sa ka.

52. Morena, dira tsa hao di re hlapaotse,di setse motlotsuwa wa hao moraodi ntse di mo hlapaola.

Dipesalema 89