36. Ke hlapantse hanngwe feelaka lebitso la ka le halalelang:Ha nka ke ka thetsa Davida.
37. Leloko la hae le tla hlola kamehla,terone ya hae e be tengha letsatsi le ntse le le pela ka;
38. e hlole kamehla jwaloka kgwedi,paki eo e tshepahalange mahodimong.”
39. Leha ho le jwalo,o halefetse motlotsuwa wa hao,wa mo lahla, wa mo nyedisa.
40. O hlakotse selekane sa haole mohlanka wa hao,wa silafatsa mofapahlooho wa hae,wa o silafatsa leroleng.
41. O dihile metero yohle ya hae,metse ya hae e haheleditswengwa e fetola masupi.
42. Bo-mofetakatsela bohleba mo hapetse tsa hae,a fetoha sesomoho bao a ahisaneng le bona.
43. O matlafaditse matsohoa ba mo lwantshang,wa thabisa dira tsohle tsa hae.
44. O thithibantse bohaleba sabole ya hae,wa se ke wa mo tshehetsa ntweng.
45. O mo amohile lere la puso,wa dihela terone ya hae fatshe.
46. O kgutsufaditse matsatsi,matsatsi a botjha ba hae,wa etsa hore a aparelwe ke dihlong.