32. ha ba tlola ditaelo tsa ka,ba sa boloke melao ya ka;
33. ke tla ba kgalemella ditlolo tsa bona,ke ba kgalemelle tsona ka thupa,le melato ya bona ka phafa.
34. Feela Davida nke ke ka mo amoha,ka mo amoha mohau wa ka,ka kweneha botshepehing ba ka.
35. Nke ke ka kwenehela selekane sa ka;seo ke se builengnke ke ka se fetohela.
36. Ke hlapantse hanngwe feelaka lebitso la ka le halalelang:Ha nka ke ka thetsa Davida.
37. Leloko la hae le tla hlola kamehla,terone ya hae e be tengha letsatsi le ntse le le pela ka;
38. e hlole kamehla jwaloka kgwedi,paki eo e tshepahalange mahodimong.”
39. Leha ho le jwalo,o halefetse motlotsuwa wa hao,wa mo lahla, wa mo nyedisa.
40. O hlakotse selekane sa haole mohlanka wa hao,wa silafatsa mofapahlooho wa hae,wa o silafatsa leroleng.
41. O dihile metero yohle ya hae,metse ya hae e haheleditswengwa e fetola masupi.