21. Ke fumane Davida,mohlanka wa ka,ka mo tlotsaka ole ya ka e halalelang.
22. Seatla sa ka se tla mo tshehetsa,letsoho la ka le mo matlafatse.
23. Ha ho sera se tla mo tsometsa,le ya kgopo a ke ke a mo hlola.
24. Ba mo lwantshangke tla ba ripitla mahlong a hae,ke fenye ba mo hloileng.
25. Botshepehi ba ka le mohau wa kadi tla ba le yena,ka lebitso la ka o tla tsoha molota.
26. Ke tla namisa mmuso wa haeho ya fihla Lewatleng,le puso ya hae ho ya fihla dinokeng.
27. O tla re ho nna: <O ntate,wena Modimo wa ka,lefika le mpholosang.>
28. Nna ke tla mo etsa letsibolo,a phahamele dikgosi tsohle,kgosi tsa lefatshe.
29. Ke tla mo hauhela kamehla,selekane sa rona le yenae tla ba se tiileng.
30. Ke tla etsa hore leloko la haele hlole kamehla yohle,le terone ya hae e be tengha mahodimo a ntse a le teng.
31. “Haeba bara ba haeba furalla Molao wa ka,ba sa latele dikahlolo tsa ka;
32. ha ba tlola ditaelo tsa ka,ba sa boloke melao ya ka;
33. ke tla ba kgalemella ditlolo tsa bona,ke ba kgalemelle tsona ka thupa,le melato ya bona ka phafa.
34. Feela Davida nke ke ka mo amoha,ka mo amoha mohau wa ka,ka kweneha botshepehing ba ka.
35. Nke ke ka kwenehela selekane sa ka;seo ke se builengnke ke ka se fetohela.
36. Ke hlapantse hanngwe feelaka lebitso la ka le halalelang:Ha nka ke ka thetsa Davida.
37. Leloko la hae le tla hlola kamehla,terone ya hae e be tengha letsatsi le ntse le le pela ka;
38. e hlole kamehla jwaloka kgwedi,paki eo e tshepahalange mahodimong.”