Dipesalema 89:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Ke wenaya busang lewatle le befileng,ke wenaya kgutsisang maqhubu a bilohang.

11. Ke wenaya qhemeditseng Rahaba,wa moqhemetsa jwaloka setopo,ka tsoho la hao le matlao qhalakantse dira tsa hao.

12. Mahodimo ke a hao,le lefatshe ke la hao;lefatshe le tsohle tse ho lonake wena ya di theileng.

13. Leboya le borwake wena ya di hlodileng,Tabore le Heremonedi etsetsa lebitso la hao ditlatse.

14. O sefea, letsoho la hao le matla;letsoho la hao le letona le phahame.

15. Ho loka le tokake motheo wa terone ya hao,mohau le botshepehidi o eteletse pele.

16. Ho lehlohonolo setjhabase tsebang ho etsa mehoo ya thabo,se tsamayang kganyengya sefahleho sa hao, Morena,

Dipesalema 89