Dipesalema 89:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Etane wa Moesera, e nang le thuto.

2. Ke tla bina tsa mohau wa Morena,ke di bine kamehla,ka molomo wa ka ke tla tsebisameloko yohle botshepehi ba hao;

3. hobane o itse:“Mohau wa kao hlola kamehla yohle,botshepehi ba kabo theilwe mahodimong.

4. “Ke entse selekanele mokgethwa wa ka,ke hlapanyeditse Davida,mohlanka wa ka, ka re:

5. <Ke tla etsa hore leloko la haole hlole kamehla yohle,ke tiise terone ya haomelokong yohle.> ”

6. Morena, mahodimo a a boka,a boka dimakatso tsa hao,a bolela botshepehi ba haophuthehong ya bahalaledi.

7. Ke mang, mahodimong,ya ka lekanngwang le Morena?Ke mang ya tshwanang le Morena,hara bara ba Modimo?

8. Phuthehong ya bahalalediModimo o tshajwa haholo,o hlomphuwa haholoke bohle ba mo teetseng hare.

9. Morena, Modimo wa mabotho,ke mang ya kang wena?Morena, wena ya matla,botshepehi ba hao ke kobo ya hao.

Dipesalema 89