Dipesalema 86:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. Ke wena Modimo wa ka,nkgauhele, Morena,ke ipiletsa ho wena kamehla.

4. Ako thabise mohlanka wa hao;ke o rapelaka moya wa ka wohle, Morena.

5. Wena Morena, o molemo,o a tshwarela;mohau wa hao o moholoho bohle ba ipiletsang ho wena.

6. Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe,o mamele sello sa thapedi ya ka.

7. Ha ke le matshwenyehongke ipiletsa ho wena,mme wena o a nkaraba.

Dipesalema 86