1. Thapelo ya Davida.Morena, ako ntshekehele tsebe,o nkarabe,hobane ke hlophehile,ke futsanehile.
2. Ako baballe bophelo ba ka,hobane ke motshepuwa wa hao,pholosa mohlanka wa haoya o tshepang.
3. Ke wena Modimo wa ka,nkgauhele, Morena,ke ipiletsa ho wena kamehla.
4. Ako thabise mohlanka wa hao;ke o rapelaka moya wa ka wohle, Morena.
5. Wena Morena, o molemo,o a tshwarela;mohau wa hao o moholoho bohle ba ipiletsang ho wena.
6. Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe,o mamele sello sa thapedi ya ka.