Dipesalema 84:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka setolotolo.

2. Meaho ya hao e rateha hakaakang,wena Morena wa mabotho!

3. Moya wa ka o motela ke ho hlolohelamabala a ntlo ya Morena;pelo ya ka le mmele wa kadi etsetsa Modimo ya phelang ditlatse.

4. Esitana le serobelese iphumanela leaho,le lefokotsane le iphumanela sehlaha,moo le beang madinyane a lona teng,haufi le dialetare tsa hao,wena, Morena wa mabotho,kgosi ya ka, le Modimo wa ka.

5. Ho lehlohonoloba phelang tlung ya hao,ba sa kgaotseng ho o rorisa.

Dipesalema 84