Dipesalema 83:8-19 BIBELE (SSO89SO)

8. Bagebale le Baamone le Baamaleke,Bafilesita le baahi ba Tire,

9. le ba Asiria ba ikopantse le bona;ba thusana le bana ba Lota.

10. Ako ba etse jwaloka ba Midiane,o ba etse jwaloka Sisera,le Jabine nokaneng ya Kishone,

11. ba neng ba timele Ene-Dore,ba fetoha moitedi mobung.

12. Etsa hore marena a bonaa tshwane le Orebe le Seebe,mahosana wohle a bonaa tshwane le Seba le Salemuna,

13. ba neng ba ile ba re:“A re ikgapelengnaha ya Modimo, e be ya rona.”

14. Oho, Modimo wa ka,ako etse hore ba tshwanele ditlhokwa setsokotsaneng,ba tshwane le mmoko moyeng.

15. Jwalokaha mollo o tjhesa moru,le hlaha e hotetsa dithaba,

16. ba lelekise ka sefefo sa hao jwalo,o ba tshose ka sefefo sa kganyapa.

17. Etsa hore difahleho tsa bonadi aparelwe ke dihlong,e le hore ba o batle, wena Morena.

18. Ba ke ba hlajwe ke dihlong,ba tshohele ruri,ba tlontlolohe, mme ba timele.

19. Ba tsebe hore ke wena feela Morena,Morena, Ya Hodimodimoya okametseng lefatshe lohle.

Dipesalema 83