Dipesalema 83:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. Oho, Modimo wa ka,ako etse hore ba tshwanele ditlhokwa setsokotsaneng,ba tshwane le mmoko moyeng.

15. Jwalokaha mollo o tjhesa moru,le hlaha e hotetsa dithaba,

16. ba lelekise ka sefefo sa hao jwalo,o ba tshose ka sefefo sa kganyapa.

17. Etsa hore difahleho tsa bonadi aparelwe ke dihlong,e le hore ba o batle, wena Morena.

18. Ba ke ba hlajwe ke dihlong,ba tshohele ruri,ba tlontlolohe, mme ba timele.

19. Ba tsebe hore ke wena feela Morena,Morena, Ya Hodimodimoya okametseng lefatshe lohle.

Dipesalema 83