Dipesalema 80:6-17 BIBELE (SSO89SO)

6. O se phedisa ka dikgaphajwalokaha eka ke bohobe,o se nwesa meokgo e mengata.

7. O re entse sesosa sa ditsekisanotsa bao re ahisaneng le bona,dira tsa rona di a re soma.

8. Oho, Modimo wa mabotho,ako boele o re tsose,o re bontshe sefahlehose kganyang kgotso,re tle re pholohe.

9. O ile wa hlomola morara Egepeta,wa tla o hloma moo,moo o lelekileng ditjhaba teng.

10. O ile wa o lokisetsa mobu,metso ya teba,yaba wona o tlala naha.

11. Moriti wa wona wa kwahela dithaba,mahlaku a kwahela difate,fate tsa dikedare tse telelehadi.

12. Makala a wona a nama,a nama ho ya fihla Lewatleng,mahlomela a ya fihla Nokeng.

13. Keng ha o dihile metero ya wona,hore o tle o ikgellweke mofetakatsela,

14. o tle o fatakwe ke kolobemoru,o jewe ke batana tsa naha?

15. Oho, Modimo wa mabotho,ako boele o kgutle;ako tadime o le mahodimong,o bone, o hlokomele morara ona.

16. Sireletsa se hlomilwengke tsoho la hao le letona,mora eo o ikgodiseditseng yena.

17. Ba o tjhesitseng ka mollo,ba o remileng,ba ke ba timetswe ke kgalefo,kgalefo ya fahleho sa hao.

Dipesalema 80