1. Pesalema ya Asafo.Morena, baditjhaba ba kene,ba kene hara lefa la hao,ba silafaditse Tempele,Tempele ya hao e halalelang,ba fetotse Jerusalema lesupi.
2. Ditopo tsa bahlanka ba haoba di abetse nonyana tse fofang,ditopo tsa batshepuwa ba haoba di abetse batana tsa naha.
3. Ba tsholotse madi a bonajwaloka metsi hohle Jerusalema,mme ha ho ya ba epelang.
4. Re sekgoboho bao re ahisaneng le bona,re pale le sesomoho ba re potapotileng.
5. Morena, o tla re halefelaho fihlela neng?Lefufa la hao le tla nne le tuke,le tuke jwaloka molloho fihlela neng?
6. Theolela kgalefo ya haohodima baditjhaba,baditjhaba bana ba sa o tsebeng,le hodima mebuso ena,mebuso e sa rapeleng lebitso la hao;
7. hobane di metsitse leloko la Jakobo,di fetotse leaho la lona lesupi.