Dipesalema 78:8-17 BIBELE (SSO89SO)

8. Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona,bao e bileng moloko o manganga,moloko wa befetohedi;moloko oo maikutlo a wonaa neng a sa tsepama,moloko oo moya wa wonao sa tshepahaleng ho Modimo.

9. Bana ba Efraime,leha e ne e le ditsebiho fula ka diqha,ba na ba balehamohla letsatsi la ntwa.

10. Ha ba a ka ba boloka selekane,selekane sa Modimo,ba hana ho tsamayaka Molao wa hae.

11. Ba lebala diketso tsa hae,ba lebala le dimakatso tsa hae,tseo a ba bontshitseng tsona.

12. Naheng ya Egepeta,thoteng tsa Sowane,a etsa dimakatso pontsheng,pontsheng ya bo-ntata bona.

13. A phatlola lewatle ka lehare,a ba tshedisa,a emisa metsi jwaloka qubu.

14. Motsheare a ba etella pele ka leru,bosiu bohle ka kganya ya mollo.

15. A petsola mafika lehwatateng,a ba fa metsi a mangata,metsi a kang a bodiba;

16. a kollisa melatswana lefikeng,a phallisa metsijwaloka hoja ke a noka.

17. Empa ba nna ba eketsaho mo sitelwa,ba fetohela Ya Hodimodimo,ba mo fetohelaba le naheng e tshehla.

Dipesalema 78