49. A ba futuhela ka kgalefo e tukang,ka bohale, le makwebeta,le ka matshwenyeho;a ba romela mangeloi a timetsang.
50. A se ke a kokobetsa kgalefo ya hae,leha e le ho ba phemisa lefu;a ba bolaya ka lefu la sewa.
51. A bolaya matsibolo wohle a Egepeta,bana ba matswathaka,ba metlotlwane ya Kama.
52. Jwale a kganna tjhaba sa hae,a se kganna jwaloka dinku,a se tsamaisa lehwatateng,a se tsamaisa jwaloka mohlape.