24. a ba nesetsa mannae be dijo tsa bona,a ba nea koro ya lehodimo.
25. Motho a ja bohobe ba mangeloi,a ba fa kgora ya dijo.
26. Hodimo sebakeng a fokisa moya,a fokisa moya wa botjhabela,ka matla a haea tlisa moya wa borwa;
27. a ba nesetsa namajwalokaha eka ke lerole,le nonyana tse fofang,jwalokaha eka ke hlabathe la lewatle,
28. a di theolela kahara diahelo tsa bona,ho potapota ditente tsa bona,
29. Ba eja, ba kgora haholo;a ba fa seo ba neng ba se lakatsa.
30. Yare ba eso kgotsofatsetakatso ya bona,ba sa ntse ba entse methamo,
31. kgalefo ya Modimoya ba wela hodimo,a bolaya dikwankwetla tsa bona,bahlankana ba Iseraelea ba rapalatsa,a ba rapalatsa fatshe.
32. Leha ho le jwalo,ba nnile ba mo sitelwa,ba se ke ba dumeladimakatso tsa hae.
33. Yaba o fedisa matsatsi a bonao a fetola lefeela,lemo tsa bonaya eba tsa matshabeho.
34. Eitse ha Modimo a ba bolaya,ba qala ho mmatla,ba kgutlela ho yena,ba mmatla hape;