22. hobane ba ne ba sa dumele,ba sa dumele ho Modimo,ba sa tshepe ho pholoswa ke yena.
23. Yaba o laela maru a mahodimo,o bula menyako ya mahodimo;
24. a ba nesetsa mannae be dijo tsa bona,a ba nea koro ya lehodimo.
25. Motho a ja bohobe ba mangeloi,a ba fa kgora ya dijo.
26. Hodimo sebakeng a fokisa moya,a fokisa moya wa botjhabela,ka matla a haea tlisa moya wa borwa;
27. a ba nesetsa namajwalokaha eka ke lerole,le nonyana tse fofang,jwalokaha eka ke hlabathe la lewatle,