Dipesalema 78:19-22 BIBELE (SSO89SO)

19. Ba hanyetsa Modimo, ba re:“Ebe Modimo a ka hla a tsebaho re lokisetsa dijolehwatateng moo?

20. Ke nnete, o ile a otla lefika,metsi a phutsalla,le dinokana tsa phorosela;ebe a ka tseba ho re fa bohobe,le ho fepa tjhaba sa hae nama?”

21. Yare Morena ha a utlwa a halefa,malakabe a mollo a laima,a laimela ba leloko la Jakobo,kgalefo ya hae ya tlokela Iseraele;

22. hobane ba ne ba sa dumele,ba sa dumele ho Modimo,ba sa tshepe ho pholoswa ke yena.

Dipesalema 78